Se mphete, uen'a ratehang, 'Moloki oa ka; Ha u ntse u utloa ba bang, U nkutloe le 'na! Jeso , Jeso, kea u rapela, Ha u ntse u sitsa ba bang, Se mphete le 'na. Ke ka ho hlomoha pelo Ke tlang ho uena; Ha u hauhela batho, Nkhauhele le 'na. Jeso, Jeso, kea u rapela, Ha u ntse u sitsa ba bang, Se mphete le 'na. Na ke ne ke tla tšepa mang, Ha e se uena? Ha u nts'u folisa ba bang, Mpholise le 'na. Jeso, Jeso, kea u rapela, Ha u ntse u sitsa ba bang, Se mphete le 'na. Ha ke na se u khahlisang, Ke mofutsana; 'Me ha u sa khese ba bang, se nkhese le 'na. Jeso, Jeso, kea u rapela, Ha u ntse u sitsa ba bang, Se mphete le 'na. Jesu, na nka phelela mang, Ha e se uena? A lerato le lekaakang; U nchoetse le 'na! Jeso, Jeso, kea u rapela, Ha u ntse u sitsa ba bang, Se mphete le 'na. Tsohle tsee ke li thabelang Li tsoa ho uena; ruri, ha u rata ba bang, Ua nthata le 'na. Jeso, Jeso, kea u rapela, Ha u ntse u sitsa ba bang, Se mphete le 'na. #mzalwane #christian #gratitude #photography #art #ndimhlenyani #kyokushi #calisthenics 📸: @lwazitom (at RUCC MINISTRIES) https://www.instagram.com/p/CVH0d2WjZnO/?utm_medium=tumblr


















